Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:23 - BIBELE

23 Ho fetohela Morena ke sebe se kang boloi, manganga ke sebe se kang ho rapela medimo esele. Kahobane o furaletse taelo ya Morena, le yena o o furaletse hore o se be kgosi!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:23
36 Referencias Cruzadas  

Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae.


Ragele o ne a nkile medimo ya ntatae, a e beile katlasa qhana ya kamele mme a dutse hodima yona. Labane a phenya hohle ka tenteng, empa a se ke a e fumana.


Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone.


Feela nke ke ka kgaotsa ho mo hauhela, jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho hauhela Saule, eo ke ileng ka mo hleka tseleng ya hao.


Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.”


hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo, ba kgesitse keletso ya Ya Hodimodimo.


“Mosadi ya loyang o tla bolawa.


Baegepeta ba tla lahlehelwa ke tshepo, merero ya bona ke e nyopise. Ba tla ipiletsa ho medimo ya bohata le ho dinohe, ba ipiletse ho mathuela le ho baloi. Matsohong a mmusi ya lonya,


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Jwale le lona le entse bokgopo bo fetang ba bo-ntata lona. E mong le e mong wa lona o latela ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga, ha a mmamele.


Ka baka lena, Morena o bua tjena: ‘Ke tla o fedisa lefatsheng mona! Ka sona selemo sena o tla shwa, hobane o rutile setjhaba ho kwenehela Morena!’ ”


ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,’ ” ho rialo Morena.


Ka o nea kgosi eo ke halefile, ka ba ka o amoha yona ke halefile.


Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.


“ ‘Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae.’ ”


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”


Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: ‘Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle.’


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,


Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos