Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ho fetohela Morena ke sebe se kang boloi, manganga ke sebe se kang ho rapela medimo esele. Kahobane o furaletse taelo ya Morena, le yena o o furaletse hore o se be kgosi!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:23
36 Referencias Cruzadas  

Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.


Ragele o ne a nkile diterafime, a di kentse qhaneng ya kamele; o ne a dutse hodima tsona. Labane a batlisisa tente kahohle, a se ke a di fumana.


O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.


empa mohau wa ka o ke ke wa mo tlohela, jwalokaha nkile ka o tlosa ho Saule, eo ke mo suthisitseng pela hao.


Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Hobane o ekeleditse sebe sa hae ka ho ikgantsha; hara rona o a ithoka, o eketsa ho bua ditaba tse lwantshang Modimo.


Erekaha ba nnile ba eba manganga ditabeng tsa Modimo, ba nyedisa keletso ya Mookamedi ya phahameng;


O se ke wa tlohela moloi a phela.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?


Le lona, le entse hampe ho fetisa bontata lona; bonang, le tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae, hore le tle le se ke la nkutlwa.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya o hlakola lefatsheng, o ya shwa monongwaha, hobane o bile wa bolela kweneho bakeng sa Jehova.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Ekare ha e mong a fumanwa hara lona, e le monna, kapa mosadi, ya bitsang bafu, kapa a iketsa senohe, ba tla bolawa, ba tlepetswe ka majwe; madi a bona a tla ba hodima bona.


Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


ke ho rapela medimo ya bohata, le boloi, ke hloyano, le dikomang, ke mona, le bohale, le dikgang, le diphapang, le dikgaohano;


Le ikgantsheditse Jehova haesale le mohla ke qadileng ho le tseba.


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Jwale, borena ba hao bo ke ke ba tiya; Jehova o ikgethetse monna e mong ya pelong ya hae; Jehova o se a mo kgethile hore e be morena wa setjhaba sa hae, kahobane ha o a ka wa boloka seo Jehova a o laetseng sona.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos