Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”
Joshua 14:4 - BIBELE hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona. Sesotho 1909/1961 (SO) etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona. |
Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”
Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”
Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime.
Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime.
“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
Empa bana bao o tla ba tswala kamorao ho bona, e tla ba ba hao, mme ba tla reellwa ka baholwane ba bona, ba je lefa la bona.
Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka.