Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:4
13 Referencias Cruzadas  

E moholo, Josefa a mo rea lebitso la Manasse (ya lebadisang), a re: Ke hobane Modimo o ntebadisitse ho hlora ha ka kaofela, le ntlo yohle ya ntate.


E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.


Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.


Kamora ditaba tsena ba re ho Josefa: Utlwa, ntatao o bohloko. Yaba o nka bara ba hae ba babedi, Manasse le Efraime.


Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Empa bana ba hao bao o tlang ho ba tswala kamorao ho bana, e tla ba ba hao, mme lefeng la bona ba tla balwa mabitsong a banababo bona.


Yaba Esekiase o romela ho Baiseraele bohle le ho Bajuda, a ngolla le Efraime le Manasse, hore ba tle ka tlung ya Jehova, Jerusalema, ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele;


Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime.


Bana ba Josefa, Manasse le Efraime, ba nkile lefa la bona jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos