Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:3
9 Referencias Cruzadas  

Etlare ha le aba lefatshe ho etsa mafa, le arolele Jehova karolo, karolo e kgethehileng ya naha; e be bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mahlano, le bophara bo ditswe tse kete tse leshome; e tla halalela hohle ho isa moeding wa yona.


Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.


Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.


Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;


ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone


Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos