Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:3 - BIBELE

3 Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:3
9 Referencias Cruzadas  

“ ‘Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang.


Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.


Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.


Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba,


le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone,


Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos