Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 41:51 - BIBELE

51 Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 E moholo, Josefa a mo rea lebitso la Manasse (ya lebadisang), a re: Ke hobane Modimo o ntebadisitse ho hlora ha ka kaofela, le ntlo yohle ya ntate.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:51
19 Referencias Cruzadas  

Kamorao ho tsona ho tla fihla dilemo tse supileng tsa tlala, mme nala yohle e tla lebalwa naheng ya Egepeta. Tlala ena e tla senya naha ena,


Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One.


Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”


Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime.


“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile.


Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”


Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.


Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.


Ba tloheleng ba nwe, ba lebale bofuma ba bona, mahlomola a bona ba se hlole ba a hopola.


Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.


Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”


Bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona, ke Manase le Efraime.


Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’


hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.


Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani.


Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos