“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone.
Ha balwa bana ba Manase ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
ka tsa bohlokwa tsa lefatshe le tsohle tse ho lona, le ka ho ratwa ke ya ahileng sehlahleng. Tlhohonolofatso e theohele hodima Josefa, hodima hlooho ya ya kgethehileng hara bana babo.
hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.