Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Joshua 10:41 - BIBELE Joshua a bolaya tsohle ho tloha Kadeshe-Barenea ho ya fihla Gasa, le naheng yohle ya Goshene, le ho ya fihla Gibeone. Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa Gasa, ka naha yohle ya Goshene, ho ya fihla Gibeone. |
Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”
Ashekelone e tla bona, e tshohe haholo, Gasa yona e meneke ke bohloko, Ekerone le yona e fellwe ke tshepo. Kgosi ya Gasa e tla timetswa, Ashekelone yona e hloke baahi.
Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo.
Bo-ntata lona ba ne ba etse jwalo ha ke ba roma ke le Kadeshe-Barenea, ho ya bona naha.
Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone.
Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”
“Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea.
Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona.
“Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: ‘Nyolohang, le yo hapa naha eo ke le neileng yona.’ Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela.
Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!”
A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.
Ka mokgwa o jwalo, Joshua a hapa naha eo yohle, e maralla, le naha yohle e ka borwa, le naha yohle ya Goshene, le naha e diphuleng, le naha ya Araba, le naha e maralla ya Iseraele, le diphula tsa yona.
Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.
le Goshene, le Holone, le Gilo. Metse ena e ne e le leshome le motso o mong, le metsana ya yona.
Samosone a ya Gasa. Ha a le hona teng a bona mosadi wa seotswa, mme a kena dikobong tsa hae.
Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.
Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.