Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 11:16 - BIBELE

16 Ka mokgwa o jwalo, Joshua a hapa naha eo yohle, e maralla, le naha yohle e ka borwa, le naha yohle ya Goshene, le naha e diphuleng, le naha ya Araba, le naha e maralla ya Iseraele, le diphula tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Joshua a hapa lefatshe leo lohle, ka dithaba, le naha yohle e ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Goshene, le dikgutlo, le lehwatata, le dithaba tsa Iseraele, le dikgutlo tsa tsona,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 11:16
16 Referencias Cruzadas  

Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba, ba ja lefa la mofufutso wa merabe eo,


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.


“ ‘Empa lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela makala, le behele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana, hobane se haufi se kgutlela ha habo sona.


Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Joshua a bolaya tsohle ho tloha Kadeshe-Barenea ho ya fihla Gasa, le naheng yohle ya Goshene, le ho ya fihla Gibeone.


Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha.


A o romela le ho dikgosi tsohle tse ka leboya, naheng e maralla, le Lewatleng la Letswai, ka borwa ho Kinerete, le diphuleng, le maralleng a Dore, ka bophirimela.


Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.


A e abela le naha e maralleng, le e diphuleng, le ya Araba, le e matswapong, le e lehwatateng, le e ka borwa, le naha ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Baperise, le ya Bahife, le ya Bajebuse.


Ha dikgosi tsohle tse kamose wane ho Jorodane, le tse maralleng, le tse diphuleng, le tse lebopong lohle la Lewatle le Leholo, kapele ho Lebanone, e leng tsa Bahete, le tsa Baamore, le tsa Bakanana, le tsa Baperise, le tsa Bahife, le tsa Bajebuse, di utlwa ditaba tsena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos