Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:5 - BIBELE

5 Ashekelone e tla bona, e tshohe haholo, Gasa yona e meneke ke bohloko, Ekerone le yona e fellwe ke tshepo. Kgosi ya Gasa e tla timetswa, Ashekelone yona e hloke baahi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:5
18 Referencias Cruzadas  

Bona ke boporofeta bo ileng ba bolelwa ka selemo seo kgosi Akase a ileng a shwa ka sona:


Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.


“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Gasa ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopile setjhaba, ba se thopa kaofela ha sona, ba se rekisetsa Baedomo hore e be makgoba.


Ke tla timetsa baahi ba Ashedode, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Ashekelone; motse wa Ekerone ke tla o otla, masalla wohle a Bafilesita ke a timetse,” ho rialo Morena Modimo.


Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo.


Ashedode e tla ba leaho, aho la dikgaupane, boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise.


Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”


mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos