Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ashekelone e tla bona, e tshohe haholo, Gasa yona e meneke ke bohloko, Ekerone le yona e fellwe ke tshepo. Kgosi ya Gasa e tla timetswa, Ashekelone yona e hloke baahi.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:5
18 Referencias Cruzadas  

Ka selemo seo Akase a shweleng ka sona, ha bolelwa boporofeta bona, ha thwe:


Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Bafilesta, ha Faro a ne a eso ho fedise Gasa.


Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


ke tla timetsa ba ahileng Ashdode le ya tshwereng lere la borena Ashkelone. Ke tla boela ke otlolle letsoho la ka hodima Ekrone, mme Bafilesta ba setseng ba tla fela: ho itswalo ke Morena Jehova.


Bonang, Morena o tla mo hapa, a dihele matla a hae lewatleng, mme o tla tjheswa ke mollo.


Bana ba dinyatsi ba tla aha Ashdode, mme ke tla fedisa boikgohomoso ba Mofilesta.


Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos