Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bonang, Morena o tla mo hapa, a dihele matla a hae lewatleng, mme o tla tjheswa ke mollo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:4
14 Referencias Cruzadas  

Maruo o fumanwang ka bokgopo ha a na moeno; empa ho loka ho qobisa lefu.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.


Ba tla o binela kodiyamalla, ba re ho wena: O timetse jwang, wena ya neng a hahilwe hara mawatle, wena motse o tumileng, o neng o le matla lewatleng, wena le bohle ba ahileng ha hao, ba neng ba tshajwa ke bohle ba ahileng pela lewatle?


Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.


Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


ba tla o lahlela sehokong, mme o tla shwa lefu la ba hlabilweng bodibeng ba mawatle.


ke tla rekisa ka bara ba lona le ka baradi ba lona ho bara ba Juda, ba rekise ka bona ho Basabea, setjhaba se hole, hobane Jehova o boletse.


ke tla akgela mollo kahara lerako la Tire, o tle o tjhese matlo a teng a borena.


Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos