Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O ikgahetse qhobosheane, o bokeletse silefera jwaloka lerole, le kgauta jwaloka seretse sa mmila!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Tire e ikgahetse qhobosheane, ya ipokellela silefera, silefera e le ngata sa hlabathe le bokeletswe, ya ipokellela le kgauta, kgauta e le ngata sa seretse diterateng.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:3
16 Referencias Cruzadas  

Ba ntoo fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Baheve le ya Bakanana. Ha ba tloha teng, ba leba nqa borwa ho Juda, ho ya fihla Beerseba.


Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.


Morena a etsa hore silefera e be jwaloka majwe Jerusalema, le dikedare di be ngata jwaloka disikomora tse dithoteng.


O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.


Leha a ka bokella silefera, e be ka ka lerole, le diaparo tse ntle, di be ka ka qubu ya seretse,


kapa le mahosana a neng a ruile dikgauta, a tlatsitse matlo a wona ka disilefera;


O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.


Ke mang ya rerileng taba ena hodima Tire, eo e neng e le moabedi wa meqhaka ya borena, eo bahwebi ba hae e neng e le marena, le ba rekang ha hae e leng ba hlomphuwang lefatsheng?


Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.


Mesebetsi ya hao le dikananyo tsa hao, batho ba dikepe tsa hao le batsamaisi ba tsona, ba thibang mapetso a dikepe tsa hao, ba o sebedisang kgwebo ya hao, le bahlabani bohle ba hao ba leng ha eno, hammoho le matshwele wohle a hao a leng ha eno, ba tla wela bodibeng ba mawatle tsatsing la ho wa ha hao.


O ne o kgorisa ditjhaba tse ngata ka tsa kgwebo ya hao tse tswang mawatleng; o ne o entsha marena a lefatshe, ka bongata ba mesebetsi ya hao le ba kgwebo ya hao.


Jwale, haele mona o bolailwe, o bile o timeletse mawatleng, o tebile madibeng a metsi, kgwebo ya hao le matshwele wohle a neng a le ha hao, di timetse le wena.


Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos