Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 bo dule le hodima Hamathe ya bapileng le yena, le hodima Tire le Sidone, hobane Tire o bohlale haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Hamate e sehelanang moedi, e o sehelane le Hadarake le yona e ntse e le ya Morena, le Tire le Sidone tse bohlale haholo.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:2
20 Referencias Cruzadas  

Tloha, o ye Sarepta wa Sidone, o dule teng; bona, ke laetse mosadi wa mohlolohadi wa teng hore a o fepe.


Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.


Morena wa Babilona a ba bolaya, a ba timetsa Ribla, naheng ya Hamathe. Bajuda ba tloswa jwalo lefatsheng la bona, ba iswa kgolehong.


le marena wohle a Tire, le marena wohle a Sidone, le marena a dihlekehleke tse mose wane wa lewatle;


ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:


Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka morena wa Tire, o re ho yena: Morena Jehova o re: O ne o iponahaditse hoba o phethehile, o ne o tletse bohlale, o phethehile ka botle.


ke Hamathe, Berotha, Sibraime, o mahareng a moedi wa Damaseka le moedi wa Hamathe; hape, ke Hatsere-Hatthikone o moeding wa Haurane.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Damaseka — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba hatisitse Gileade ka dilei tsa tshepe,


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, o re: Lona ba ntlo ya Iseraele, bonang, ke ya le tsosetsa setjhaba se tla le hlorisa ho tloha Hamathe, ho isa nokeng ya lesabasaba.


Ba lekgotla leo la bana ba Iseraele ba isitsweng kgolehong, ba tla rua naha ya Bakanana ho isa Sarepta; ba Jerusalema ba isitsweng kgolehong Sefarade, ba rue metse e ka nqa borwa.


Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos