Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke bona boporofeta ba boletsweng ke Jehova hodima lefatshe la Hadrake, mme bo tla dula hodima Damaseka, — hobane Jehova o qamaka batho bohle, jwalokaha a qamaka meloko yohle ya Iseraele;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ona ke molaetsa wa Morena: Molaetsa o fihlile naheng ya Hadarake, mme o tla hlola motseng wa Damaseka. Motsemoholo wa Arame ke wa Morena, le merabe yohle ya Iseraele ke ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:1
22 Referencias Cruzadas  

Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.


Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Mahlo a dibopuwa kaofela a lebeletse wena, o di fa dijo ka nako e tshwanetseng.


Mahlo a ka a tadima Jehova kamehla, hobane o tla tshwasolla maoto a ka lerabeng.


Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.


Tshenolo bakeng sa Ninive. Buka ya pono ya Nahume wa Elkoshe.


Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


Ke bona boporofeta ba lentswe la Jehova le rometsweng Iseraele ka Malakia:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos