Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: ‘Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:23
35 Referencias Cruzadas  

Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.


empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.


Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Yaba o bokella Bajuda bohle le Babenjamine, le batho ba Efraime, le ba Manasse le ba Simeone ba neng ba jakile ho bona, etswe Baiseraele ba bangata ba ne ba falletse ho yena ha ba bona hoba Jehova, Modimo wa hae, o na le yena.


Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.


Le se le nkentse motho e mobe ha leshome; ha le na dihlong tsa ho nnyefola!


Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.


Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.


Mehleng eo, basadi ba supileng ba tla itshwarella ka monna a le mong, ba re ho yena: Re tla ja bohobe ba rona, re ikapese ka dikobo tsa rona; feela re bitswe ka lebitso la hao, o tlose nyatso ya rona.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Ditjhaba di tla tla tsamaya leseding la hao, marena a tle kganyeng ya mahlasedi a hao.


Mesebetsi ya bona le mehopolo ya bona e pepeneneng ho nna ... E se e le nako ya ho phutha ditjhaba kaofela le dipuo tsohle, hore di tle, mme di bohe kganya ya ka.


Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.


Bona, nakong eo, ke tla ba le taba le bahlorisi ba hao kaofela, ke pholose se hlotsang, le se qhadilweng ke se bokelle, mme ke tla ba etsa ba roriswang le ba tumileng mafatsheng wohle, moo ba ileng ba hlajwa ke dihlong.


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,


o atamela Jesu kamorao, a ama qola ya seaparo sa hae; yaba phallo ya hae ya madi e kgaotsa hang.


Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.


Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.


Ha ho a ka ha eba taba le e nngwe ya tseo Moshe a di laetseng, eo Joshua a sa kang a e bala pela phutheho yohle ya Iseraele, ho bile ho na le basadi, le bana ba banyenyane, le baditjhaba ba tsamayang le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos