Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ditjhaba tse ngata le merabe e matla e tla tla ho batla Jehova wa makgotla Jerusalema, le ho rapela sefahleho sa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Kahoo ditjhaba tse ngata, tse matla, di tla tla Jerusalema ho tla rapela Morena wa mabotho le ho ipiletsa ho yena.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:22
18 Referencias Cruzadas  

Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.


Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Thabeng ena o tla tlosa lesira le siretseng batho bohle, le kobo e kwahetseng ditjhaba kaofela.


Ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, ke tla emisetsa ditjhaba letsoho la ka, ke hlomele merabe folaga ya ka, ba tle ba tlise bara ba hao matsohong a bona, le baradi ba hao ba ba pepe mahetleng a bona.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Mme masala wohle a ditjhaba tsohle tse neng di futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela Morena, Jehova wa makgotla, le ho etsa mokete wa Metlotlwane.


baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba o mong, ba ntse ba re: A re yeng! re yeng ho rapela sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova wa makgotla! le rona, re tla ya!


Mme lengolo, ka ho iponela pele hoba Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, le boleletse Abrahama Evangeli eo pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena.


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, mme marena a lefatshe a tla tiisa teng kganya le hlompho ya wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos