Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba o mong, ba ntse ba re: A re yeng! re yeng ho rapela sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova wa makgotla! le rona, re tla ya!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba motse o mong, ba re: ‘A re yeng kapelepele ho ya rapela Morena, mme re ipiletse ho Morena wa mabotho. Le rona re tla ya.’

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:21
10 Referencias Cruzadas  

Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona.


Bokang Jehova, lona mesebetsi ya hae kaofela, nqalong tsohle tsa borena ba hae! Moya wa ka, o boke Jehova!


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Hobane tsatsi le teng leo dibohodi di tla howeletsa ka lona thabeng ya Efraime, di re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Modimo wa rona.


A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.


Ka la bone la kgwedi ya boroba mono o le mong, e leng la Kislefe, ba Bethele ba roma Sharetsere, le Regeme-Meleke le batho ba bona ho ya rapela sefahleho sa Jehova,


Ditjhaba tse ngata le merabe e matla e tla tla ho batla Jehova wa makgotla Jerusalema, le ho rapela sefahleho sa Jehova.


Barutuwa ba babedi bao ba mo utlwa a rialo, ba ba ba latela Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos