Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Sakaria 8:21 - BIBELE

21 Baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba motse o mong, ba re: ‘A re yeng kapelepele ho ya rapela Morena, mme re ipiletse ho Morena wa mabotho. Le rona re tla ya.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba o mong, ba ntse ba re: A re yeng! re yeng ho rapela sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova wa makgotla! le rona, re tla ya!

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:21
10 Referencias Cruzadas  

Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo.


Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka.


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Tsatsi le a tla la hore balebedi ba hlabe mokgosi, ba o hlabe ba le thabeng ya Efraime, ba re: ‘Emang lona, re nyoloheleng Sione, re nyoloheleng ho Morena, Morena Modimo wa rona.’ ”


A re lekeng ho tseba Morena, re ikitlaeletseng ho mo tseba. Ho tla ha hae ke ha nnete, ha nnete ya ho tla ha mafube; o tla tla ho rona sa medupe ya pula, sa pula tse kolobisang, tse kolobisang mobu selemo.”


Baahi ba Bethele ba ne ba ile ba roma bo-Saresere le Regeme-Meleke, ba ena le batho ba bona, ho ya rapela Morena,


Kahoo ditjhaba tse ngata, tse matla, di tla tla Jerusalema ho tla rapela Morena wa mabotho le ho ipiletsa ho yena.”


Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos