Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:3 - BIBELE

3 Tire e ikgahetse qhobosheane, ya ipokellela silefera, silefera e le ngata sa hlabathe le bokeletswe, ya ipokellela le kgauta, kgauta e le ngata sa seretse diterateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O ikgahetse qhobosheane, o bokeletse silefera jwaloka lerole, le kgauta jwaloka seretse sa mmila!

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:3
16 Referencias Cruzadas  

Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda.


Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.


Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng.


Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika,


Leha a ka bokella silefera e kaa ka lehlabathe, bongata ba aparo tsa hae ba ba kaa ka letsopa,


le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera;


Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe.


Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang? Tire, motse wa ho hlomamisa dikgosi, oo bahwebi ba wona e leng mahosana, oo bo-radikgwebo ba wona ba tummeng fatsheng lohle?


Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.


Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo, bo-radikepe le basesisi ba hao, malala a hao a thibang dikepe matlere, bahwebi ba hao bohle le bahlabani, le batho bohle ba kahare ho wena, ba tla teba bodibeng ba lewatle, mohla koduwa ya ho thueha ha hao.


Ha thepa ya hao e ne e tshela mawatle, o no fepa matjhabatjhaba, o a kgorisa; ka bongatangata ba matlotlo a hao, ka bongatangata ba thepa ya hao ya kgwebo, kgosi tsa lefatshe o ila di ruisa.


Jwale o thuehetse hara mawatle, wa teba hara bodiba ba metsi; thepa yohle ya hao ya kgwebo, le bohle ba neng ba le ho wena, tsena tsohle di tebile mmoho le wena.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


Morena o bua tjena: “Baahi ba Tire ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopetse setjhaba kaofela Edomo, ba sa llelane letsetse sa bana ba motho.


Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos