Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 10:19 - BIBELE

19 Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.

Ver Capítulo Copiar




Genese 10:19
29 Referencias Cruzadas  

le Baarefade, le Basemare, le Bahamate. Kamora mona malapa a Bakanana a namela hohle.


Bana ke bara ba Kama, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


dikgosi tsena tsa futuhela Bera kgosi ya Sodoma, le Biresha kgosi ya Gomora, le Shinabe kgosi ya Adema, le Shemebere kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware.


Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.


Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!


Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.


Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita.


Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha.


Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo.


Na o ka di isa habo tsona? Na tsela tse yang teng o a di tseba?


Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe.


Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.”


le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,


Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.


“Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”


Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona.


Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.


O ye Eberone, le Rehobe, le Hamone, le Kana, ho ya fihla Sidone e Kgolo.


Samosone a ya Gasa. Ha a le hona teng a bona mosadi wa seotswa, mme a kena dikobong tsa hae.


Ba ne ba ye ba hlome malebana le Baiseraele, ba senye dijalo masimong ho ya fihla Gasa, ba se ke ba ba siela leha e le nku kapa kgomo kapa tonki.


sehlopha se seng sa nka tsela e yang Bete-Horone, mme sehlopha sa boraro sa nka tsela e yang moeding o okametseng kgohlo ya Seboime, ka nqa lehwatateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos