Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.
Bafaladi ba tswang Babilona ba iketsetsa modimo o bitswang Sukote-Benote; ba tswang Kuta ba iketsetsa o mong o bitswang Neregale; ba tswang Hamate ba iketsetsa o bitswang Ashima.