Joshua 10:40 - BIBELE40 Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)40 Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse. Ver Capítulo |
Ba o hapa, ba bolaya batho ba neng ba phela ho wona, ka sabole, ba ba bolaya le kgosi ya teng. Ba hapa le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho yona. A se ke a siya le ya mong, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Egelone. A o timetsa ho hang le batho ba neng ba phela ho wona.
Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng.