Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa Gasa, ka naha yohle ya Goshene, ho ya fihla Gibeone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Joshua a bolaya tsohle ho tloha Kadeshe-Barenea ho ya fihla Gasa, le naheng yohle ya Goshene, le ho ya fihla Gibeone.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:41
19 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Jehova a iponahatsa ho Salomone, Gibeone, ka toro ya bosiu, mme Modimo wa mmolella, wa re: Kopa seo ke tla o nea sona.


Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Bontata lona ba entse jwalo mohla ke ba romileng ho lekola naha, re le Kadeshe-Barnea.


o tla pota moepa wa Akrabbime, ka nqa borwa; o fete ka Tsine, mme o fihle Kadeshe-Barnea, ka nqa borwa; o tla ya ka Hatsar-Addare, mme o tla feta Atsmone,


Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.


Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.


Haele Baavvime ba neng ba ahile metebong ho ya fihla Gasa, Bakaftorime ba tswileng Kaftore, ba ba fedisa, ba ba ba aha tulong tsa bona.]


Le mohla re leng Kadeshe-Barnea, ha Jehova a le roma, a re: Nyolohang, le rue lefatshe leo ke le neileng lona, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; ha le a ka la mo tshepa, mme ha le a ka la etsa ka lentswe la hae.


Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!


a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.


Joshua a hapa lefatshe leo lohle, ka dithaba, le naha yohle e ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Goshene, le dikgutlo, le lehwatata, le dithaba tsa Iseraele, le dikgutlo tsa tsona,


Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.


Goshene, Holone, le Gilo; ke metse e leshome le motso o mong, le metsana ya yona.


Yaba Samsone o ya Gasa, a bona mosadi wa seotswa teng, mme a kena ha hae.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Ke tsena ditshwantsho tsa kgauta tsa diso, tseo Bafilesta ba di ntsheditseng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, se seng e le sa Ashdode, se seng e le sa Gasa, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe, se seng e le sa Ekrone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos