Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.
Joele 3:21 - BIBELE Ke tla tshwarela tjhaba sa ka, ke se tshwarele dibe tsa sona, dibe tseo ke neng ke eso se tshwarele tsona. Nna Morena, ke tla aha Sione!” Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla phetetsa madi a bona ao ke esong ho a phetetse; mme Jehova o tla aha Sione. |
Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.
Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.
Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto.
“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”
Le tla tseba hore ke na le Baiseraele, le hore nna Morena ke Modimo wa lona, ebile ha ho modimo e mong; tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!”
“Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona.
Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.