Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:25 - BIBELE

25 Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:25
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: ‘Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!’ ”


Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.


Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”


Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;


Ho se be madi a se nang molato a tla tshollwa naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona; esere la jara molato wa ho tsholla madi.


O se ke wa mo tadima ka mohau, o mpe o hlakole sekgobo sa madi a se nang molato, a tsholotsweng naheng ya Iseraele, e le hore le tle le atlehe.”


Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos