Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Yaba batho bohle ba araba, ba re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:25
20 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.


Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.


Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


hore madi a se nang molato a se ke a tshollwa lefatsheng la hao, leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, mme molato wa madi o be siyo ho wena.


Mahlo a hao a se ke a mo qenehela, o mpe o tlose Iseraeleng madi a se nang molato, o tle o be le lehlohonolo.


Leha e le mang le mang ya tla tswela kantle ho menyako ya ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae; moo etlaba ha re na molato; mme leha e le mang le mang ya tla ba le wena ka tlung, madi a hae a tla ba hodima dihlooho tsa rona, ha a ka tswa kotsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos