Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo;
Joele 2:10 - BIBELE Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima. Sesotho 1909/1961 (SO) Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona. |
Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo;
Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
Naledi tsa lehodimo le Makolobe a tsona, kganya ya tsona e ke ke ya bonahala, tsatsi le tla fifala ha le tjhaba, kganya ya kgwedi le yona e be siyo.
Naledi tsohle tsa lehodimo di tla nyamela, mahodimo a phuthwe sa ha ho phuthuwa lengolo; naledi tsohle di tla wela fatshe, di we sa mahaba a morara, sa mahaba a omeletse, sa feiye ha e hlohloreha sefateng.
Tsatsing leo, ba tla puruma ba e hateletse, ba purume sa lewatle le hwasa. Etlare ha motho a tadima lefatshe a bone lefifi le ditlallo, lesedi le lona le fifaditswe ke maru.
Ka tadima lefatshe, mme ka le bona le se na sebopeho, le se na letho; le mahodimo ha ke a tadima, ka fumana le wona a se na leredi.
Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.
Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla.
“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.
Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena.
Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.
“Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha.
Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,
Letsatsi le tla fifala, le kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla;
Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.
Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa botshelela; tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, letsatsi la ntshofala jwaloka lesela la bofifi, le entsweng ka boditse, kgwedi yohle ya tlerefala jwaloka madi,
Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.
Yaba e bula mohohlo o se nang pheletso, mme ka ho wona ha foqoha mosi o kang wa sebopi se seholo. Letsatsi le sebaka se hodimo tsa fifatswa ke mosi o tswang ka mohohlong.