Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 20:11 - BIBELE

11 Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 20:11
27 Referencias Cruzadas  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


O sisinya lefatshe madulong a lona, ditshiya tsa lona di be di reketle.


O ne o thee lefatshe kgalekgale, mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.


Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke.


O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame.


Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae.


Ka selemo seo kgosi Usiya a ileng a shwa ka sona, ka bona Morena a dutse teroneng e phahameng, mophetho wa seaparo sa hae o tletse Tempele.


Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle.


Mollo tswang ho yena o no phalla sa noka, ketekete tsa batho di mo sebeletsa, boiyane bo sa balweng bo eme kapele ho yena. Lekgotla la Moahlodi la bulwa, dibuka le tsona tsa phetlwa.


Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Empa ha e le mahodimo le lefatshe la kajeno, di boloketswe ho tjheswa, ho ya ka yona taelo eo, mohla letsatsi la kahlolo, ha ho timetswa batho ba kgopo.


empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona.


Dihlekehleke tsohle tsa baleha; le dithaba ha di a ka tsa hlola di eba teng.


Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.


La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete.


Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo.


Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”


Hanghang ka tlalwa ke Moya wa Modimo. Lehodimong ho ne ho beilwe terone, mme e mong a dutse hodima yona.


Lehodimo la meneha jwaloka buka ha e kwalwa, mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsa suthiswa ditulong tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos