Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:2 - BIBELE

2 Yaba e bula mohohlo o se nang pheletso, mme ka ho wona ha foqoha mosi o kang wa sebopi se seholo. Letsatsi le sebaka se hodimo tsa fifatswa ke mosi o tswang ka mohohlong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 mme ya kwaholla sekoti sa dihele, mme ha tswa sekoting mosi o kang mosi wa sebopi se seholo; mme letsatsi le sebaka tsa fifatswa ke mosi o tswang sekoting.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Yaba o bula sekoti; mme ha hlaha mosi sekoting, jwaloka mosi wa sebopi se seholo; letsatsi le loapi tsa fifala ka ntlha ya mosi wa molete.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yaba o bula sekoti; mme ha hlaha mosi sekoting, jwaloka mosi wa sebopi se seholo; letsatsi le loapi tsa fifala ka ntlha ya mosi wa molete.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:2
16 Referencias Cruzadas  

Ha letsatsi le se le diketse, mme ho se ho fifetse haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi, le kganare ya mollo; tsena tsa feta pakeng tsa mekgekgetho eo.


A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.


Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.”


Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima.


Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.


Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo fatshe, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.


Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo tlase, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.


Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.”


Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa.


Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.


Jwale lengeloi la bohlano la letsa terompeta, mme ka bona naledi e nngwe e weleng lehodimong, e wetse lefatsheng. Naledi eo ya newa senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso.


Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.


Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos