Genese 2:4 - BIBELE Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa. Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo, Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo, |
Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.
Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara.
Lena ke leloko la Sema. Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng.
Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.
Lena ke leloko la Ishemaele, mora wa Aborahama, eo Hagare wa Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a ileng a mo tswalla Aborahama.
Ena ke buka ya leloko la Adama. Mohla Modimo a hlolang motho o ile a mo bopa ka setshwano sa Modimo;
Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”
A re: “Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona, na hase wena Modimo ya lehodimong? Na hase wena ya busang mebuso yohle ya baditjhaba? Letsoho la hao le matla hoo ho seng ya ka emang kapele ho wena.
Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Morena ke tsa nnete; yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena.
Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.
Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;
“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
ba re: “Re a o leboha. wena Morena Modimo ya matla wohle, ya leng teng, ya bileng teng, hobane o boetse o inketse matla a hao a maholo, mme o qadile ho busa.
Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re: “Wena ya leng teng, ya bileng teng, Ya Halalelang, o Ya Lokileng, hobane o ahlotse tjena.