Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:16 - BIBELE

16 Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:16
22 Referencias Cruzadas  

Ditshiu tsa ho phela ha Isaka e bile dilemo tse lekgolo le mashome a robedi.


Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


le bara ba Rubene: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.


Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.


Josefa a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome, mme ba omeletsa setopo sa hae, ba se kenya lekeseng, moo Egepeta.


Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.


Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone,


Monna e mong wa leloko la Levi a ya, a nyala morwetsana wa leloko la Levi.


Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Kohate o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.


Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Kora, mora wa Isihare, mora wa Kohate, mora wa Levi, a ena le Datane le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora wa Pelete, e leng bara ba Rubene;


Bana ke Balevi ba ileng ba balwa ho ya ka malapa abo bona: Gereshone ya tswetseng morabe wa Gereshone; le Kohate, ya tswetseng morabe wa Kohate; le Merari, ya tswetseng morabe wa Merari.


Ana ke mabitso a bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Ana ke mabitso a bara ba Gereshone ho ya ka malapa abo bona: Lebeni le Shimei.


Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele.


Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.


Ho Gereshone ho tswile leloko la Balebeni, le leloko la Bashimei. Ana ke maloko a tswang ho Gereshone.


Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine.


Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


lelokong la Simeone, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Levi, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Isakare, ba dikete tse leshome le metso e mmedi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos