Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 2:3 - BIBELE

3 Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Modimo wa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, mme wa le kgetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing wohle oo Modimo o o entseng ka ho o sebetsa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 2:3
22 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.


Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng.


Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa. Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo,


Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo.


“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!


“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.


“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”


A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha.


Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos