Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo.
Genese 1:7 - BIBELE Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo. |
Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo.
Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo.
Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.
Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
Haeba maru a dusa pula a tla e nesetsa hodima lefatshe; fate se ka wela ka borwa kapa ka leboya, moo se welang teng ke moo se tla rapalla teng.
Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?”