Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:6 - BIBELE

6 Yaba Modimo o re: “Loapi le be teng pakeng tsa metsi, ho arohanya metsi ho metsi a mang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwale Modimo wa re: Sebaka ha se be teng mahareng a metsi, mme se arohanye metsi le metsi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:6
23 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo.


Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”


Ka moya wa hae a ntlafatsa mahodimo, ka tsoho la hae a hlaba noha e lelesela.


Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.


Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose?


o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente,


Mo roriseng, lona mahodimo a hodimodimo, le lona metsi a kahodimo ho mahodimo.


Haleluja! Rorisang Morena a le sehalalelong sa hae, mo roriseng a le sebakeng sa hae se matla, baka sa hae sa lehodimo.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;


Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Haeba maru a dusa pula a tla e nesetsa hodima lefatshe; fate se ka wela ka borwa kapa ka leboya, moo se welang teng ke moo se tla rapalla teng.


Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


“Ka matla a hae Morena o hlodile lefatshe, ka bohlale ba hae a tsitsisa metheo ya lona, ka kutlwisiso ya hae a ala le mahodimo.


Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:


Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos