Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:24 - BIBELE

24 Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:24
15 Referencias Cruzadas  

Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bohlano.


Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yaba hoo e se e le lebitso la sona.


Dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le dihahabi ka mefuta ya tsona, di kene le wena ka arekeng ka bobedi, di tle di phele.


mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana.


Diphoofolo tsohle, le makgomo wohle, le dinonyana tsohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona.


“Na o tseba nako ya ho tswala ha podi ya naha? Na o kila bona kgama ha e phatla, e tswala?


“Na pere matla e a filwe ke wena, molala wa o kgabisa ka moetse o maebeebe?


“Tonki e hlaha e neilwe bolokolohi ke mang? Meja e ne e kgatile e lokolotswe ke mang?


“Na nare e ka thapa, ya eba pelesa ya hao? Kapa ya robala e bothile pela sejelo sa hao?


“Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.


Thabeng tse telele ho phela podi tsa naha, diqhobo ke setshabelo sa dipela.


Motho yena o ikela mosebetsing wa hae, a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya.


lona diphoofolo tsa naha le tsa hae tsohle, dihahabi le dinonyana tse fofang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos