Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:11 - BIBELE

11 Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:11
20 Referencias Cruzadas  

Lefatshe la medisa jwang, le ditlama tse nang le peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.


Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona.


Yaba Morena Modimo o laela motho, o re: “O ka ja difate tsohle tsa serapa ka bolokolohi,


ho ne ho eso be le dimela dife kapa dife lefatsheng; ho eso mele ditlama dife kapa dife tsa naha, hobane Morena Modimo o ne a eso nese pula lefatsheng, mme ho bile ho se na le motho ya ka lemang mobu.


Serapeng seo Morena Modimo a medisa mefuta yohle ya difate tse kgahlang mahlo, tse monate ha di jewa; bohareng ba serapa a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.


Dijo di mela kahodima lefatshe, katlase le fuduuwa jwalokaha ho fuduuwa mollo.


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Ke yena ya kwahelang mahodimo, ya a kwahelang ka maru, ya nesetsang lefatshe pula, ya medisang jwang dithabeng.


Jwalokaha mobu o medisa dimela tsa wona, tshimo le yona e medisa dijalo tsa yona, Morena Modimo o tla medisa ho loka le ho rorisa, tsena a di medise moo matjhaba wohle a di bonang.


O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”


Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?


Mobu ka bowona o medisa dijalo: pele ke lekgaba, e be qwapi, e tlo ba matshohlo.


Ka yona Modimo o medisa semela, kamoo a ratang kateng, ho ya ka mefuta e fapaneng ya ditlhaku.


Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo.


Bana beso, na feiye e ka beha ditholwana tsa mohlwaare, kapa morara tsa feiye? Ka mokgwa o jwalo, ha ho sediba se ka kollang metsi a letswai le metsi a monate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos