Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:11
20 Referencias Cruzadas  

Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo.


Modimo wa re: Bonang, ke le neile dimela tsohle tse beang peo, tse kahohle lefatsheng, le sefate se seng le se seng se beang ditholwana tse nang le peo, e be dijo tsa lona.


Jehova Modimo a laela motho, a re: Haele difate tsohle tsa tshimo, o tla di ja;


dimela tsohle tsa naha di ne di eso ho be lefatsheng, le jwang bohle ba naha bo ne bo eso ho mele, hobane Jehova Modimo o ne a eso ho nese pula lefatsheng, mme ho bo ho se motho ya lemang lefatshe;


Jehova Modimo a medisa lefatsheng difate tsohle tse kgahlisang mahlo, tse monate ha di jewa, mme hara tshimo a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.


Lefatshe le tswang dijo, ha le fuduwa bohareng ba lona, le tsekema jwaloka mollo.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


O thiba lehodimo ka maru, o lokisa pula ho na lefatsheng; o medisa jwang dithabeng;


Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.


Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane?


Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;


Mme Modimo ke wona o e neang mmele kamoo o ratang kateng, mme o nea hlaku e nngwe le e nngwe mmele wa yona.


Hobane haele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo.


Na, banabeso, sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? Kapa morara o ka beha difeiye na? Le hona ha ho sediba se ka kollang metsi a babang le a monate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos