Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Lefatshe la medisa jwang, le ditlama tse nang le peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:12
11 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.


Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la boraro.


O medisetsa makgomo jwang, o nea batho dimela tse ba lokelang; o ntsha bohobe bolemeng ba mobu,


Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.


Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;


Efela sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane difeiye di ke ke tsa kgolwa meutlweng, le morara o ke ke wa kgolwa dibajweng.


Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Hobane haele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos