Genese 1:5 - BIBELE Modimo a re lesedi ke “motsheare” mme a re lefifi ke “bosiu”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la pele. Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele. |
Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.
“Ha feela lefatshe le sa ntse le le teng, nako ya ho jala le ya ho kotula, mohatsela le mofuthu, hlabula le mariha, motsheare le bosiu, di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”
Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
o kgutsisa ho tuduana ha mawatle, ho tuduana ha maqhubu a wona, le ho dumaduma ha ditjhaba.
Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona.
Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.
“Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,
Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, malapa wohle a Iseraele a llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo.
mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.
Lona bohle, le leng bana ba lesedi, le rata motsheare. Ha re ba bosiu, ha re rate lefifi.