Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:22 - BIBELE

22 “Ha feela lefatshe le sa ntse le le teng, nako ya ho jala le ya ho kotula, mohatsela le mofuthu, hlabula le mariha, motsheare le bosiu, di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:22
9 Referencias Cruzadas  

Tlala e se e aparetse naha ka dilemo tsena tse pedi, empa ho sa na le dilemo tse hlano tseo ka tsona ho sa tlo lengwa le ho kotulwa.


“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.


Morena ya re fileng letsatsi ho bonesa motsheare, a ba a beela kgwedi le dinaledi molao o sa fetoheng, wa hore bosiu di bonese, e be masedi, yena ya tuduanyang lewatle hore le hwase, eo bitso la hae e leng Morena wa mabotho, o bua tjena:


Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: ‘A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.’


Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos