Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:21 - BIBELE

21 Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:21
50 Referencias Cruzadas  

Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: ‘O se ke wa se ja,’ mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”


A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”


Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.


“Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.


Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.”


Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo!


hobane ke tseba melato ya ka, ke hopola sebe sa ka kamehla.


Tjhe, ka dipelong tsa lona le rera tse kgopo, lefatsheng le etsa tse sehloho, le di etsa ka matsoho a lona.


Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona.


Pheleu eo yohle o tla e tjhesetsa hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


O tla boela o di nka matsohong a bona, mme o di tjhesetse aletareng, hodima sehlabelo sa setjheso se tjhesetswang Morena, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?”


Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe.


“Itswelle pele ka boreba ba hao, le ka boloi ba hao bo se nang palo, boo esale o bo emella ho tloha botjheng ba hao! Mohlomong bo tla o tlisetsa katleho, mohlomong ka bona o tshose dira tsa hao!


Ke sona feela seo ba ka o etsetsang sona, bana bao o sebeditseng le bona, bao esale o hweba le bona ho tloha botjheng ba hao. E mong le e mong o ikela ka tsela ya hae, ha ho le ya mong wa bona ya ka o pholosang.”


Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


“Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo,


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


Empa bona ba re: ‘Ha ho sa na thuso! Re tla tswela pele mererong ya rona, motho ka mong a phethe ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga.’ ”


Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng.


Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba.


Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.’ ”


Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho, mme moprista a a tjhesetse aletareng e le sehlabelo se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe, mme motho eo o tla thwarelwa.


Moshe a boela a di nka diatleng tsa bona, a di tjhesetsa hodima aletare, hodima nyehelo ya setjheso. E ne e le nyehelo ya kgalaletso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena.


le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.


hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.


Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya.


hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala.


Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.


hobane rona re monko o monate wa Kreste o yang ho Modimo, o utlwahalang ho ba yang pholohong, le ho ba yang timelong.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos