Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 “Ha feela lefatshe le sa ntse le le teng, nako ya ho jala le ya ho kotula, mohatsela le mofuthu, hlabula le mariha, motsheare le bosiu, di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:22
9 Referencias Cruzadas  

Hobane dilemo ke tsena di pedi tlala e bileng teng lefatsheng, mme ho sa tla dilemo tse hlano tseo ho lema le ho kotula ho tlang ho ba siyo ho tsona.


O tla sebetsa matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka letsatsi la bosupa; o phomole jwalo ha ho lengwa, leha ho kotulwa.


Hobane ho itswe ke Jehova, ya beileng letsatsi hore e be lesedi la motshehare, ya beileng kgwedi le dinaledi hore e be lesedi la bosiu, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume, Jehova wa makgotla ke lona lebitso la hae:


Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.


Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos