Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Modimo a re lesedi ke “motsheare” mme a re lefifi ke “bosiu”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la pele.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:5
16 Referencias Cruzadas  

Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la boraro.


Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bone.


Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bohlano.


Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.


Modimo wa bitsa sebaka mahodimo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bobedi.


Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.


O etsa lefifi, mme ho be bosiu; yaba ke ha dibatana tsohle tsa meru di itsamaela,


Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong.


Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela.


Nyene ke ya hao, le bosiu ke ba hao; o entse lesedi le letsatsi.


Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.


Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,


Phutheho yohle ha e bona hoba Aarone o shwele, ntlo yohle ya Iseraele ya llela Aarone ka matsatsi a mashome a mararo.


mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.


Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi.


Bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos