Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:13 - BIBELE

13 mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahatswa, hobane letsatsi le tla o bonahatsa, hobane o tla senolwa ka mollo; mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hore na o jwang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahatswa, hobane letsatsi le tla o bonahatsa, hobane o tla senolwa ka mollo; mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hore na o jwang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:13
28 Referencias Cruzadas  

Toka e tla ba kgwele e lekanyang, ho loka e be kgwele e otlollang; sefako se tla hohola tshabelo sa mashano, metsi a kwahele baka tsa ho ipata.”


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


“Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.


Ebe ke mang ya ka tiisetsang tsa mohla letsatsi la ho tla ha hae? Hona ke mang ya ka emang a tiile ha a hlaha? Yena o jwaloka mollo wa sebopi kapa sesepa sa sehlatswi.


Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.”


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”


Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese.


Empa ba ke ke ba atleha hoyahoile, hobane bothoto ba bona bo tla pepeseha ho bohle, jwaloka bothoto ba bao ba babedi.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.


Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,


Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo.


Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.


Empa ha e le mahodimo le lefatshe la kajeno, di boloketswe ho tjheswa, ho ya ka yona taelo eo, mohla letsatsi la kahlolo, ha ho timetswa batho ba kgopo.


Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos