Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe.
Daniele 9:3 - BIBELE Yaba ke tadima ho Morena Modimo, ke ipiletsa ho yena ka thapelo, le ka dikopo, le ka ho itima dijo, le ka ho apara tse mahwashe, le ka ho itshela ka molora. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora. |
Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe.
Esera a tloha kapele ho Tempele ya Modimo, a kena ka kamoreng ya Johanane, mora wa Eleashibe. Ha a se a kene, ha a a ka a ja bohobe kapa a nwa metsi, hobane o ne a ntse a lla ka baka la ditshito tsa ba neng ba thopilwe.
Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.
Ka nako ya ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya, ka ema moo esaleng ke dula teng ke sithabetse. Ka kgumama ka mangwele, seaparo sa ka le hempe ya ka di ntse di le matamuke, ka phahamisetsa matsoho a ka ho Morena Modimo wa ka.
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong.
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse,
Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.
‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’
“Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku,
Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.
nna Daniele ka ithuta Mangolong a Halalelang, ka tseba hore ho ya ka lentswe la Morena, le neng le fihle ho moporofeta Jeremia, ho tla feta dilemo tse mashome a supileng Jerusalema e ntse e le lesupi.
Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka.
Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.
Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.
“Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.”
Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe.
Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.
Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.