Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:16 - BIBELE

16 “Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:16
29 Referencias Cruzadas  

Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”


Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”


Ha re ka re: ‘Re tla kena ka motseng,’ tlala e teng ka motseng, re tla shwela teng. Le teng ha re dula mona, re tla nne re shwe. Ka baka lena tloong, re itahleleng hara lebotho la Baarame. Haeba lebotho leo le ka re pholosa, re tla phela; le teng haeba le re bolaya, re tla nne re shwe!”


Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo.


Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.


Esetere a re ba arabe Moredekai, ba re:


Moredekai a tsamaya, mme a phetha tsohle tseo Esetere a mo laetseng tsona.


Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.


Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.


Hona e ne e le ho tiisa matsatsi ana a Purime, ho ya kamoo Moredekai wa Mojuda le mofumahadi Esetere ba neng ba laetse kateng, le kamoo Bajuda ba neng ba itlamme kateng, ba ba ba tlama le ditloholo tsa bona tabeng ya ho itima dijo, le tabeng ya sello sa bona.


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng.


A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa.


Pilato a araba, a re: “Seo ke se ngotseng, ke se ngotse.”


Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo,


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”


Yare ha bo tla sa, Paulosi a kgothaletsa bohle hore ba je, a re: “Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le lebeletse, le sa je letho;


A qeta matsatsi a mararo a sa bone, a sa je, a sa nwe.


ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.


hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos