La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Amose 7:16 - BIBELE

Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re: “ ‘O se ke wa porofetela Iseraele, thutong ya hao o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.’ ”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;

Ver Capítulo



Amose 7:16
14 Referencias Cruzadas  

Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso.


Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.


Jeroboame a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela le se seng sa dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


“Wena ngwana motho, hanyetsa baporofeta bana ba Iseraele ba porofetang. Ere ho bana ba iporofetelang tse tswang mehopolong ya bona: ‘Mamelang lentswe la Morena!


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.


“Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele.


“Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta.


O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”


Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”


Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo.


Yaba Samuele o re ho Saule: “Bea butle; ke tla o bolella seo Morena a se buileng ho nna bosiung bona.” Saule a re ho Samuele: “A ko bue!”