Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re: “ ‘O se ke wa porofetela Iseraele, thutong ya hao o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:16
14 Referencias Cruzadas  

Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Mora motho, porofetela baporofeta ba Iseraele ba porofetang, o bolelle bao e leng baporofeta ka thato ya dipelo tsa bona, o re: Mamelang lentswe la Jehova.


Oho seotswa, mamela lentswe la Jehova ke hona.


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho le letona, o rothisetse lentswe la hao nqa borwa, o be o porofetele moru wa naha ya borwa,


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Jerusalema, o rothisetse nqalo tse halalelang lentswe la hao, o porofetele naha ya Iseraele.


Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!


Thuto ya ka e tla rotha jwaloka pula; dipolelo tsa ka di tla qhitsa jwaloka phoka, di be jwaloka pula e tshesane e kolobisang jwang bo botjha, le jwaloka marothodi a nelang jwang.


Samuele a re ho Saule: Lesa, ke o tsebise seo Jehova a mpoleletseng sona bosiung bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos